Litlaleho tsa litaba tse nyarosang na li ama bana ba hao

14 Oct, 2016 - 00:10 0 Views

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
“Morali oa ka ea lilemo li 11 ha a rate ho shebella litaba. O atisa ho ba le litoro tse mpe ha a ile a li shebella. Ka le leng, o ile a shebella litaba tse neng li bua ka monna ea ileng a khaola mong ka eena hlooho. Bosiung boo, morali oa ka o ile a lora le eena a khaoloa hlooho.”— Bophelo.

“Mochana oa ka ea lilemo li tseletseng o ile a shebella litaba tse neng li bua ka leholiotsoana le hlasetseng naha e itseng. O ne a ntse a tsohile esita le ka mor’a libeke a bone tlaleho eo. O ne a ntetsetsa a kholisehile hore ho na le leholiotsoana le tlang le mo lebile le hore le tl’o mo bolaea.”— Thabo.

NA LITLALEHO tsa litaba li tsosa ngoana oa hao? Phuputso e ’ngoe e bontsa hore hoo e ka bang batsoali ba etsang liphesente tse 40, ba boletse hore bana ba bona ba kile ba tsosoa ke ntho e ’ngoe eo ba e boneng litabeng, ’me kahoo ba tsoha hore le bona ba tla etsahalloa ke lintho tse tsoanang kapa li etsahalle batho bao ba ba ratang.

Hobane’ng? Lebaka ke hore bana ba talima litlaleho tsa litaba ka tsela e fapaneng le eo batho ba baholo ba li talimang ka eona. Ka mohlala, bana ba banyenyane ba ka nahana hore liketsahalo tse nyarosang tse phatlalatsoang hangata litabeng, li lula li etsahala.

Lebaka la bobeli ke hore litlaleho tsa letsatsi ka leng tse buang ka liketsahalo tse tsosang, li ka senya tsela eo ngoana a talimang lefatse ka eona. Ke ’nete hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Empa ha bana ba lula ba shebella litaba tse buang ka liketsahalo tse nyarosang, seo se ka etsa hore ba tsohe hoo ba sa khoneng ho etsa letho.

Mokhatlo oa Malapa o Thehiloeng ke Kaiser o re: “Hangata bana ba shebellang litaba haholo ba fetelletsa ho ata ha tlolo ea molao ’me ba nka  hore lefatse ke sebaka se kotsi haholo ho feta kamoo le hlileng le leng kateng.” Ke’ng seo u ka se etsang haeba litlaleho tsa litaba tse buang ka liketsahalo tse nyarosang li ama bana ba hao? Litlhahiso tse ’maloa ke tsena.

Ba sireletse. Ho itsetlehile ka lilemo, ho hola kelellong le hore na bana ba hao ba ameha joang maikutlong, u ka nahanela taba ea ho fokotsa nako eo ba e qetang ba shebeletse litaba. Ke ’nete hore re phela linakong tseo ho tsona ho phatlalatsoang boitsebiso bo bongata, ’me bana ha ba iphapanyetse lintho tse etsahalang kajeno. Esita le bana ba banyenyane ba ka bona kapa ba utloa lintho tse ngata ho feta kamoo u nahanang kateng. Kahoo, ela hloko matsoao leha e le afe a ho tsoha kapa ho tsoenyeha ao bana ba hao ba ka ’nang ba ba le ’ona.

Thobela ba leseka, thuto ea rona e tlo ema mona kajeno. Re ea pele ka beke etlang. Le se ke la suta.

Share This:

Sponsored Links

Survey


We value your opinion! Take a moment to complete our survey
<div class="survey-button-container" style="margin-left: -104px!important;"><a style="background-color: #da0000; position: fixed; color: #ffffff; transform: translateY(96%); text-decoration: none; padding: 12px 24px; border: none; border-radius: 4px;" href="https://www.surveymonkey.com/r/ZWTC6PG" target="blank">Take Survey</a></div>

This will close in 20 seconds