Le mengoa sekolong…

02 Mar, 2015 - 14:03 0 Views

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
Ke re thobela ho lena matlhapa ka lebese la likhomo tsa matsoele amatelele. Batho ba mofuta oa khotso. Ke re khotso, pula, nala.

Ke eme holimo ha thaba etelele joale ka mehla. Ke lebesitse moopo Bophirima Tsatsi. Ke hoeletsa ho lena batho-batho. Ke tlisa ho lena memo. Bonang nako e fetlile hobane le rona re bonahale re tsoeletse puo ea balimo le bontatemoholo ba bo rona, Sesotho.

Utloang he, sechaba. Ba bang ke tseba ba lula ka tlase ha lithaba le majoe a maholohali ao a ba setisang ho utloa litaba. Tsohle tse babang, tse munu, tse bolela le tse monate tsebeng le pelong. E bile ‘na ke ile ka ikana ho le tlisetsa tsona ka mehla bekeng engoe le e ngoe. Le Tsatsi la pampere ea lena le fetotsoe. Ebile e hatisoa ka labone.

Nako ea ho ithuta e tlile ke ena e kokota monyakong. Ho na le likolo tsa thuto ea holimo li eunebesethe tse ‘maloa tse qalang ho rutisa lithuto tse lebesitseng thutong ea ho thuthuhisa lipuo tsa rena mono ho laZimbabwe. Ebile lithuto tseo tse lingoe ke tsa ho rutana Sesotho. Ebile ke re ho lena ha re nkeng monyetla ona re kene sekolong haholo sa lithuto tsa Sesotho.

Le se be litaba hobane lithuto li a qhojoa tsa Sesotho holimo mola lithutong tsa tlase ho sa rutoe sona. Fa re e ba le batho ha ra rona ba ithutileng Sesotho seo, ho tla ba kaone hobane se rutoe la makhonthe mona.

Ke le mema ho tsoa lithabaneng tsa Maliphiri, Malitlou, Ntalale, Buvumasberg, Halisupi ho eo fihla machobolong, Shashe. Emellang ha le utloa phala e lla ka mololi o monate ho fetisa ho bina ha nonyana ea pula.

Le se lebale hobane ke rona basotho re tsoereng patla ea tsa thuto. Ke bolela ka thuto ea ruri e seng ena ea batho ba bulang lihlahlobo fa batsoanetse ho hlahlojoa.

Nako ela ea hobane bana ba bo rona ba tsabele ko Juanasberg e fetile ebile e felile. Bonate le mokhatlo oa ,eona o fetile ebile o punile joale ka joang ba selemo.

E fela thuto ea motho ha e fele, ntle le ho shoa. Ke lekhumo leo o ka le bakisoang ke moloi fela empa le ena a tsebe ha botse hobane a ka na a o bolea kapa a o hlantsa ha a nke ke a e fumana khumo eo. Matsatsi a ka jeno le ha a batla thapelo ruri, thuto le eona e tsoanetse ho e ba hona.

E khantseng ka bo rutehi banabeso. Haholo bale e leng matichere, lithuto tsena li entsoe bakeng sa lona. O ka sebetsa har’ a sebaka ka nako ea ho ikhutsa le phomolo oa ithuta. E tla re mola ba bangoe ba falimeha ba lemoha oena o le ka mose ha noka ea bophelo o eja monono.

Emella hona joale o ngolele likolo tseo, li phatlalatso li tsoele pampering ea sontaha ea ho felletsa ea khoeli ea Pherikong.

Fa o se na eona buisana le ‘na ka mohala ho nomoro tse reng 0772 387 273/ 0713 667 155 le ha e le ho ngolela ho aterese ea bolepu e reng [email protected], salang se ntle baheso ke sa eo noa metsi tamong ea Zwabagwamba ke utloa ba re ho na le koena e bolelang le batho ke re le ‘na ke eo iponela.

Share This:

Sponsored Links

Survey


We value your opinion! Take a moment to complete our survey
<div class="survey-button-container" style="margin-left: -104px!important;"><a style="background-color: #da0000; position: fixed; color: #ffffff; transform: translateY(96%); text-decoration: none; padding: 12px 24px; border: none; border-radius: 4px;" href="https://www.surveymonkey.com/r/ZWTC6PG" target="blank">Take Survey</a></div>

This will close in 20 seconds