SOTHO: Tumellano ea sadc ea tekano le tsoelopele ekhutsufalitsoeng

18 Jun, 2015 - 08:06 0 Views
SOTHO: Tumellano ea sadc ea tekano le tsoelopele ekhutsufalitsoeng

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
Molao oa Motheo oa Lesotho o fana ka bolokolohi le litokelo tsa bohle haese moo o amanang le Molao oa Lerotholi – Sec. 18 (4) (c). Molao ona ha o hlalosoa o hatakela litokelo tsa basali hobane ha ba lekane le banna – ke bana mahlong a molao. Molao ono o hlakoloa ke lintlafatso tsa morao tse lekang ho fa basali ba nyetsoeng tekano. Legal Capacity of Married Persons Act 2006. Lesotho le ile la tekenela Tumellano ea Machaba holim’a litokelo tsa batho ba phelang le bokooa ka Tsitoe 2008 ka mor’a likhothaletso tse matla tsa Mokhatlo o ikemetseng oa batho ba nang le bokooa.

Ho tloha ka 1990 Mokhatlo o ikemetseng oa batho ba nang le bokooa esale o khothaletsa mmuso ho etsa leano le paramente ho fetisa molao o tsireletsang litokelo tsa batho ba nang le bokooa. Leano la Tekano ha lea kenyeletsa batho ba nang le bokooa. Litsebeletso tsohle tse amang lichelete le moruo ha li kenyeletse batho ba nang le bokooa. Tsebetso e matla e ntse e lokela ho etsoa karolong ena ke ba amehang. Molao ona oa Legal Capacity of Married Persons ehlile o thusa basali ba bahlolohali hore ba be le matla a ho ba le thepa eo e leng ea bona, ba ka saenela thepa ea banna ba bona ba ka ngola thepa ka bo bona ba ka kena makhotleng ba ikemela molaong mme ba ka etsa eng kapa eng e neng e ka etsoa ke banna ba bona. Hape molao ona o tlositse.

Kahoo molao o hlomathisitse melao e latelang: Administration of Estates Proclamation of 1935, Deeds Registry Act of 1967 le Marriage Act of 1974 ka ho tlosa likarolo tsa melao eo tse neng li hatakela litokelo tsa basali.

Mmuso ka tlatsetso ea bafani o qalile litsebeletso tsa baroetsana le bahlankana haholo ka ho hlokomela kemaro ea bana ba likolong tse nyenyane le ho elelloa sekhahla sa tsoaetso baroetsaneng.

Lipitso tsa metse boemong ba puso ea libaka hlokomelisa batsoali litichere baetapele ba metse ka bohlokoa ba thuto ea banana bashanyana haholo ho se ise bana ba bashanyana naheng ba hloloa ke sekolo. Setsi sa tsoelopele thutong le sa thuto ka ngollano se hlahlobile libuka hore li kenyeletse thuto ea tsoaetso ea HIV le AIDS le tekano. Thuto e tsehetsa hore ho etsoe matloana a boithuso a tsehetsang litlhoko tse ikhethang tsa banana. Matichere le bakoetlisi ba balisana ba rutoa thuto ea tsa bophelo (Life Skills Education) Matlo a boithuso a tla hahoa likolong tsa mathomo tse 62.

Tsa bashanyana li na le moo ho ntsetsoang metsi ho latela sebopeho sa bona. Lintlafatso tsena li tla thusa sebakeng sa bohloeki ba mmele le ba tikoloho. UNICEF e thusa ka Mokhatlo oa thuto ea banana le bashanyana o sebetsanang le tekano. Ho sebelisoa Sara (SCI) eo e leng libukana tsa li tsoantso tse loketseng bacha le bana ba banyenyane. Leha Lesotho le fihletse tekano kanetsong ea thuto ea mathomo eo lipalo tsa eona e leng 75 lekholong sebakeng sa bashayana le 80 lekholong sebakeng sa banana , ka tlatsetso ea bafani Lesotho le ntse le shebile ho eketsa palo ena. Ka selemo sa 2003 Mmuso o ile oa etsa liphuputso ka thuto holim’a maemo a tekano thutong (Gender Audit) mme oa tsetleha litlhopho tsohle tsa thuto holim’a liphuphutso tseo.

Batho a re emeng mona. Re tlo felletsa taba ena ke beke etlang.

Share This:

Sponsored Links

Survey


We value your opinion! Take a moment to complete our survey
<div class="survey-button-container" style="margin-left: -104px!important;"><a style="background-color: #da0000; position: fixed; color: #ffffff; transform: translateY(96%); text-decoration: none; padding: 12px 24px; border: none; border-radius: 4px;" href="https://www.surveymonkey.com/r/ZWTC6PG" target="blank">Take Survey</a></div>

This will close in 20 seconds