SOTHO: Mosetsana

22 Dec, 2014 - 09:12 0 Views
SOTHO: Mosetsana

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makoaiba
Ba mebala e metshoana, ba ba tshoana
Ba mebala e khunong, ba ba sehla ka tshobotsi
Bang ba mebala e sootho, ke liponono tsa motse oeso
Bang ba batsho tsho, tlalo le boreleli ba lejoe la moralla
Athe ba bang bona ba khanea khaneang, ke li ila tsatsi ba li bolelang

Ha ke sa bua ka seemo sa ngoana mosotho
Thena e khutshoaneane sa thokolosi selo sa bosiu
Bang ba seemo se tsoeling, ‘me ba phahametse maholi
Bohle ba ea lelala ho talimana le bona mahlong
Ka ha tsena lithope li nkile mehato
‘me li tshabile lefatshe

Ha o sheba seemo sa ngoanana
Tlhafu li tsoile pele, ke menoto e phatsimang sa seipone
Tlhafu ke liketela tsa ngoana manneeo
O hata sa tlou mosasanki
Selo se khantsha tlhompho le boikokobetso
Ka morao ka mona teng ha ke sa bua
Hela motho o fuoe bo ke Ramaseli!

Lisanthao ke mahletsenhletse
Ke lithothomela ntho tsa ho qoaketsana
Ntho tsa ho lumela morethetho
E ka motho o ntse a hata leoto
Leoto lena lona ha ke sa bua
Ke sejoabela pitikoehali ea lento
Bophara ba leoto la ngoana mosotho ho khaba
Le khabetse tsela le motjeko

Ha re bapala mankokosane pula e ea na
Re bile re kitima ka lebelo lesokoaneng
Re qela ho leoto, leoto mpepe
O maramarama ngoana batho
O hlile o ahlehile ‘meleng mona
Nqe ngoe marama a likotikoti, sa seponono ‘mabohle
Bang ba letshoao la bo’mabohle sebele
Sehloba nthoa ho hlaha ba ikhethileng feela
Eea bo! Bana ba mali a hloekileng
Tsopa le lehle hle la ‘mopi

Share This:

Sponsored Links

Survey


We value your opinion! Take a moment to complete our survey
<div class="survey-button-container" style="margin-left: -104px!important;"><a style="background-color: #da0000; position: fixed; color: #ffffff; transform: translateY(96%); text-decoration: none; padding: 12px 24px; border: none; border-radius: 4px;" href="https://www.surveymonkey.com/r/ZWTC6PG" target="blank">Take Survey</a></div>

This will close in 20 seconds