SOTHO: Tsa Pholo

14 May, 2015 - 13:05 0 Views
SOTHO: Tsa Pholo

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
Re bolaoa ke maloetsi khotsa ke menahano e e fosahetseng

Hona le batho ba ba khonang ho phela sebaka moraho fa ba sena ho lemoha hore ba na le boloetsi bongoe jo bo kotsi, hongoe jo bo sa foleng. Boloetsi jaaka HIV/AILS bo tumile thata ka hore bo a bolaya, se se makatsang ke hore bangoe ba batho ba ba tshoaelitsoeng ba khona ho phela lingoaha li ka nna masome a mabeli (20), fa bangoe lingoaha tse peli li le lintsi ho phela. Jaanong potso ke hore a ba bolaoa ke boloetsi khotsa ke tlhalohanyo e e ba atlholetseng loso. Ho nna le monahano o o siameng ka nako tsotlhe, ke sona se se ka re thusang ho fenya khotsa ho laola maloetsi a rephelang ka ona. Fa o boleleloa hore o a loala mme oa hopola loso, o setse o ipolaile. Hantsi fa ho buioa ka batho ba ba ipolayang ho buioa ka ba ba ikhoahetsang khotsa ho lirisa sengoe le sengoe se se kotsi ho tsaya botshelo joa bone, ho lebaloa batho ba

Tshelimoso ya maloetsi e e ranotsoeng hotsoa mo tshekatshekong ya baitsaanape ba maemo a a koa holimo ba boNgaka.Mongoe le mongoe o rotloelioa ho bona Ngaka ya hahoe fa a sa itemohe sentle, hore e mo netefaletse boloetsi le kalafo e e maleba ho nne batlhotlhi khotsa baetleetsi le fa ele baliri hongoe baithaupi ba oebesaete e. ba se kitla ba tsaya maikarabelo a tiriso e e botlhasoa ya tshelimoso e e tlhahelelang fa tlase fa, ka maloetsi a a farolohaneng.

Ho tsoa mali: (thata) Emisa mali ka bonako ka ho hatelela menoana khotsa letsoho mo karolong e e tsoang mali ho fitlhelela o bona le letsela le le phepa. Lirisa letsela leo ho tsoala ntho. Fa mali antse a tsoa mme a tsoelela mo letseleng leo, se tlose letsela le la pele, bofa hape ka le lengoe mo holimo ha lona. O tshoanetse ho isa karolo e e utloileng botlhoko koa holimonyana, ntle le fa o belaela hore karolo eo e robehile. Fa lerapo le tlhahelela le tshoare mo matlhakoreng otlhe ka ho tshoana.

(ho le honnye) Tlhapisa karolo e e tsoang mali eo sentle ka metsi a a elelang. E omise o be o bofa ka letsela le le phepa. O seka oa lirisa sepe ho ka tlotsa fa moloetse a tshoanetse ho ka bona ngaka. Mo alafele letshoho.
Marapo a a robehileng: Koantle le fa bophelo joa motho bo le mo kotsing, o seka oa sutisa moloetse pele o ka lira hore mo ho robehileng ho seka ha tsikinyeha. Emisa ho ka tsikinyeha ka ho bofa letlhakore le le hobetseng, khotsa lirisa mmele ho tsamaya khotsa o ka lirisa sengoe le sengoe se se ka khontshang motho ho khona ho tsamaya jaaka mokhele, lore le lipampiri tse li potokiloeng thata e bile li nonofile. O seka oa bofa karolo e e robehileng, alafa ho lutla ha mali pele o alafa ho robeha, fela o bofe koa holimo le koa tlase. O seka oa fa moloetse sepe se se jeoang khotsa sa ho noa. Fa o belaela hore botlhoko bo mo marapong a mokoatla, se sutisi moloetse ntle le fa bophelo ba hahoe bo ka tlhaheloa ke kotsing ho tsoa mo lefelong le a leng mo ho lone, mo alafele letshoho.

Ho soa le lipulula tsa molelo: Ka bonakonako tshela metsi a a tsilili O seka oa tlotsa sepe. Se apole moloetse liaparo. O seka oa phunya lipulula. Apesa karolo e e šoeleng ka letsela le le phepa, le le tsoang mo metsing a a botsilili ba bosoa khaphetla. O seka oa mo fa sepe sa ho noa.

Ho fisioa ke li khemikhale: Tlhapisa sentle karolo eo ka metsi a a tsilili metsotso e ka nna lesome. Lirisa seo se leng khatlhanong le botlhole fa se le molemo koantle le fa e le mo matlhong; apesa ka letsela le le phepa. Fa o šoele ho le ho nnyefolisa karolo e e šoeleng ka metsi a a tsoang mo setsilifatsing metsotso e le lesome. Alafa letshoho.

Share This:

Sponsored Links

Survey


We value your opinion! Take a moment to complete our survey

This will close in 20 seconds