SOTHO: Mosebetsi oa masole

13 Aug, 2015 - 09:08 0 Views
SOTHO: Mosebetsi oa masole

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
LUMELA Aforika, lumela Zimbabwe, lumelang basotho ba batle. Chabana sa ho beuoa peo. Eana ke beke ea ho keteka mosebetsi oa masole. Haholo a lefatse la heso la Zimbabwe. Mosebetsi oa bona ruri e le ho ,tsireletsa naha ea rona le meloloane ea lona. Ho ngoe le netefatso ea ho re ho ‘nne khotso har’ a lefatse. E ka ba re thaba le oona ,masole? Kampo re na le litsolo ho ,sebetseng ha bona? Utloang ba bangoe ba re eng ka boitsoaro joa masole a mangoe mafatse haholo ho la bontatemoholo la Lesotho. Ka tsela ba e leng ba bakela hlakahlakano har’ a sechaba. Batsuhela le ‘muso e leng maikarabelo a bona ho o tsireletsa.

Lenyakathipa u a botsa; “Bathong hantlentle mosebetsi oa masole a Lesotho ke ofe haese ho kholafeela ha khoeli e fela,’na sefapano ha ke so utluisisi na ba sebetsa eng?

Stobart ; “O e tsoa ke bosafilone bona bo o tsoereng, tlohela litaba tsa bo ntatao moshana, o sale monyane.” Mafeteng ena o re; “Mosebetsi oa bona ke honoa le ho rata banana ebe ba ea khola ha khoeli efela.”

Batho boitsoaro .joa masole ke bona bo etsang hobane bafumane hlompho kapa che har’ a sechaba. Re keteka ha kalo mosebetsi oa bona re rorisa le .Molimo hobane a tlise khotso lefatseng. Le a tseba ba holoane hobane masole a lefatse la heso a loane lintoa Somalia, a lokolla Mozambique. Babangata bashoetse tukoloho ea SADC le Aforika ka bophara. Baile DRC bathusa ho mafatse a mangata ka ho ruta sesole ,sa mafatse a teng. Re ba kopela ho Ntate hobane a ba hlokomele ka mehla.

Rona sechaba re e tsoare hantle. Masole a loane lintoa tsa maIseraele ho fihlela ba kena Kanana. Khuthatsa e re bashemane ke oona masole a lefatse hongoe le basetsana efela ha la lula hole le maloetsi le li tahi le hla ba masole a tiileng ho sireletsa sechaba sa heso. Masole ha se batho botsoanetseng ho fumaneha baloana le batho kampo majoaleng a sa lumelloang molaong ho tsoana le bo thothotho ea heso Gwandasburg. Batsoanetse ho latela le ho thobela molao. Ba bong linameng epsineng ruri. Masole a rena a tsamaisana le tokoloho ea rona. Ke ea tseba babangoe ba Gungwe bangoe Lote bangoe Ngoma.

Share This:

Sponsored Links

Survey


We value your opinion! Take a moment to complete our survey

This will close in 20 seconds