Sebopeho sa moralo wa bongaka

11 Sep, 2015 - 16:09 0 Views

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
Moralo wa bongaka ha se mokhahlo o etsang tswala ebile o tsamaiswa ke Batsamaisi baLetlole ba Boto ba khethilweng ke litho tse neuweng boikarabelo ba ho tsamaisa moralo ka tsela e bolokehileng hore o tle o lefelle likuno tsa litho tsa ona hang hang. Meralo ea bongaka e fumana meputso ea eona ho tswa litefellong tse etswang ke litho tsa tsona khweli le khweli. Chelete eohle e bokellelitsweng e sebelisetswa ho lefella ntho tse etswang ke moralo. Lichelete tsena li sebelisetswa ho lefella litefello tsa bongaka tsa litho tsa tsona, ho ipapisitse le merero ea litho ea kuno, le ho ea ka melao ea moralo.

Karolo ea tefello ea setho ka seng e ajwa ho thusa ho lefella liceo tse ling tse hlokehang ho tsamaisa moralo ka ho phethahala. E meng ea meralo ea bongaka e sebelisa peresente e phahameng ha kwana SAMWUMED e khonne ho etsa hore liceo li lule li le tlasa liperesente tse 7.

Ho bohlokwa ho hopola hore lichelete tsa thuso ea bongaka li na le moeli empa ho entswe hore li thuse litho ka litefello tsa bongaka ha tlhokeho ea bophelo bo botle e eba teng. Ho na le mefuta e mmeli ea meralo ea bongaka:Meralo e bulehileng Mofuta ona wa moralo wa bongaka o buletswe mang kappa mang ea ratang ho ka ba setho mme a bile a khona ho lefella litefello.Meralo e Sehetsweng Moeli Meralo ena e buletswe feela lihlopha tse itseng tsa batho.

1. Ho fumantsha litho moralo wa thuso ea bongaka Meralo ea bongaka e bulehileng ekeke ea hanela mang kapa mang ho ba setho, ho sa natse lilemo tsa bona kapa boemo ba bophelo. Meralo e sehetsweng moeli e ka lekaneetsa palo ea litho ho batho ba sebeletsang mohiri ea itseng kapa inlastering e itseng, empa ka hara sehlopha seo ba keke ba hanela motho ho ba setho.Ho tshireletsa meralo ea bongaka bathong ba emelang mohlang ba kulang pele e ka ba litho, e ba le tumello ea ho beha nako e itseng pele litshebeletso li fumantshwa.Le ha ho le jwalo, ho na le liketsahalo moo meralo e ke keng ea fana ka nako ea ho emela litshebeletso ho keneelletsa tse latelang:

Ha setho se fetola khetho tsa kuno ka hara oralo. Ha ngwana ea hlokomelwang ke motswali a hlaha mme a ngoliswa nakong ea matsatsi a 30 ha a sa tswa hlaha. Ha mohatsa kapa molekane a ngoliswa nakong ea matsatsi a 30 a lenealo.

Ha setho se tsamaiswa moralong o mong ho ea ho o mong e se ka boikhethelo ka lebaka la phetoho ea mosebetsi kapa mohiri a fetola moralo.Meralo e lumelletswe ho nehelana ka kotlo ho litho bakeng sa hoba litho nakong eo litshiu tsa bona li seng li ile – hangata ha ba se ba fetile lilemo tse 35. Kotlo ho bao e bang litho nako e se e ile e ee e be litefello tse phahameng.

SAMWUMEL e khethile ho se fane ka kotlo ho bao e bang litho morao ho nako.Boneanee ba likuno tse khothalelitsweng. Meralo ea bongaka e tlanngwe ke melawana ea tshebetso ea Molao wa Meralo ea Bongaka ho neha litho tsa eona boneane ba likuno tse itseng.Ha jwale ke mafu a 26 a kotsi a bileng a tlwaelehileng, ao hape a bitswang “mafu a PMB”, ao meralo e tlamehang ho a tshireletsa.

Ho matsohong a moralo ho etsa qeto ea hore ebe tlhokomelo ea mafu ana e ka fumantshwa sekethareng ea tlhokomelo ea bophelo bo botle ea mmuso kapa ea poraefete.

3. Litlhoko tse behelletsweng ka thokoMolao o hlalosa hore meralo e lokela ho behella ka thoko chelete e itseng ho netefatsa polokeho ea eona. SAMWUMEL ha e sale e behelletse ka thoko chelete ena e bileng e fetang 25% tse hlokahalang ho bileng ho bontsha hore Moralo o tsamaiswa ka nepo ebile o ikemetse ka chelete.Molao wa Meralo ea Bongaka (Molao wa 131 wa 1998) ke molao o laolang meralo eohle ea thuso ea bongaka Afrika Borwa.

O entswe hore o nehe baahi phumantsho ea tshireletso ea bongaka, o netefatsa hore meralo ea bongaka e boemong ba ho lefa litseko mme e neha litho tsa eona kuno ea tlhokomelo ea bophelo bo botle e lekaneng.

Share This:

Sponsored Links

Survey


We value your opinion! Take a moment to complete our survey

This will close in 20 seconds