SOTHO: Khuliso ea bana

28 Aug, 2015 - 16:08 0 Views
SOTHO: Khuliso ea bana

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
BANA ba hao ba mashome a mahlano e ke e be oa bohlokoa mahlong a hao. Bona! mollo o theohile maholimong ’me oa chesa balaoli ba babeli ba pele ba ba mashome a mahlano le ba bona ba mashome a mahlano, empa joale moea oa ka e ke e be oa bohlokoa mahlong a hao.”

Na moprofeta oa Molimo o ne a tla re mollo o theohele ho motho eo e ka ’nang eaba o ne a tsohile empa a buile ka tsela e bontsang tlhompho hakaalo? Eo e ne e tla be e le ntho e sa utloahaleng! Ho e-na le hoo, lengeloi la Jehova le ile la bolella Elia hore a tsamaee le molaoli enoa. (2 Mar. 1:11-15)
Na seo hase bontse bohlokoa ba ho bontsa tlhompho? Ha moapostola Pauluse a ne a tsoaroa ke masole a Roma tempeleng, ha aa ka a iketsetsa qeto ea hore o ne a e na le tokelo ea ho bua. Ka tlhompho o ile a botsa molaoli eo e neng e le eena ea ikarabellang, a re: “Na ke lumeletsoe ho bua ho hong ho uena?” Ka lebaka leo, Pauluse o ile a fuoa monyetla oa hore a ipuelle.—Lik. 21:37-40.

Ha Jesu a ne a le nyeoeng, o ile a jabeloa. Leha ho le joalo, o ne a tseba tsela e nepahetseng ea ho ipelaetsa: “Haeba ke buile ka phoso, paka malebana le phoso eo; empa haeba ke ka nepo, u nkotlela’ng?” Ha ho na motho ea neng a ka tsoaea tsela eo Jesu a neng a buile ka eona phoso.—Joh. 18:22, 23 .

Lentsoe la Molimo le boetse le fana ka mehlala ea hore na re ka etsa’ng ha re khalemeloa ka matla le hore na ke joang re ka lumelang liphoso tsa nakong e fetileng ka tlhompho. (Gen. 41:9-13;  Lik. 8:20-24) Ka mohlala, Abigaile o ile a kopa tsoarelo ka tsela e hlokang tlhompho eo mohats’a hae, Nabale, a ileng a tsoara Davida ka eona. Ho phaella tabeng ea ho kopa tsoarelo, o ile a fa Davida moqeqeko oa lijo.

Davida o ile a khahloa haholo ke seo Abigaile a ileng a se etsa hoo a ileng a mo nyala ka mor’a lefu la Nabale.—1 Sam. 25:23-41. Ruta bana ba hao ho hlompha, ho sa tsotellehe hore na ba hlompha ha ho le thata kapa ke feela taba ea ho bontsa mekhoa e metle. Ho etsa hore ‘leseli la rona le khanye ka pel’a batho’ ka tsela ena ho ‘tlotlisa Ntat’a rona ea maholimong.’—Mat. 5:16. Leha ho le joalo, bats oali ba lokela ho thusa bana ba bona hore ba hlokomele phapang pakeng tsa ho hlompha batho ba baholo le ho etsa se batloang ke batho ba nang le merero e mebe.

Thobela ba leseka ke thabile ho bolela le lona ka litaba tsena ke tsepa le tlo e tsoara hantle. Moshito o tsoela pele.

Share This:

Sponsored Links

Survey


We value your opinion! Take a moment to complete our survey

This will close in 20 seconds