SOTHO: Hona le hwane

30 Jul, 2015 - 08:07 0 Views
SOTHO: Hona le hwane

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
Ha Sibu a fallela iLanga Avenue, Mof Magona o ile a bolella baahisane bohle hore motho ka mong a tle le ho hong ho itseng, ho tla mo amohela. Kahoo Sibu o ile a fumana metswalle e lokileng. Ba ne ba mo rata mme le yena a ba rata.

Ka bomadimabe ho ne ho ena le ntho e le nngwe feela e neng e halefisa bohle. Ka nako tse ding Sibu o ne a ithimola. Mme o ne a ithimola hampe ho feta batho bohle lefatsheng. Ha a ne a eme monyako wa ntlo ya hae e nyane mme a qala ka hore … hlwepe, hlwephe, hlwephe … hee-hee …, batho bohle ba ne ba tshoha.

Ka tsatsi le leng hoseng, Sibu a bula lemati la ka pele. Yaba ho tswa katse e nyane e ntsho e matha mme ha tswa Sibu. A phahamisa hlooho ya hae, a bula molomo mme a re, “Ah, aah …” “Tjhe!” ha kgaruma Mof Magona. “Le se ke la mo dumella ho ithimola. Maobanyana mona o tswa butswela diaparo tsa ka di le terateng tsa ya wela thoteng kwana. Mo thibeng e sale jwale!”

“Tjheee bo!” ha hoeletsa Mong Samson. “Maobanyana mona ha Sibu a ithimola o ile a butswela dipalesa tsa ka tse kgubedu tsa eba sephara. Di ne di le ntle haholo mme di se di loketse ho ya rekiswa. Mo thibeng!” “Ah, aaah, aaaah …” Sibu a tswela pele.

“Tjheeeeee!” ha hoeletsa Jabu le Nozi. “Maobanyana mona ha a ithimola o ile a butswella mosebetsi wa rona wa sekolo hole kwana. Titjhere ha a ka a re kgolwa ha re mmolella hore e ne e le ho ithimola.” “Potlakang! Re tla leka sena le sane ho mo thibela ho ithimola,” ha rialo Mof Magona a tshwere phekse letsohong. A kopetsa phekse eo nkong ya Sibu.

“Itjhuuu … Ho bohloko! Ke kopa o e tlose hle,” ha rialo Sibu.

Mong Samson a tlisetsa Sibu galase ya metsi. “Tshwara nko ya hao mme o nwe metsi ana,” a rialo. Kalakatjha, kalatjha. Sibu a nwa mme a qala ho kgohlela.

“Potlaka,” ha rialo Jabu a tshwere sejana sa motoho. “Eja hona.”

“O tla boloka molomo wa hao o etsa ho hong,” ha rialo Nozi, “mme o sothasothe nko ya hao.” “Aaaaaa …” ha rialo Sibu a sutuletsa sekotlolo kwana. “Ah, aaah …”

Yaba bohle ba ema moo feela ba mo shebile ba letile.

Katse e nyane e ntsho e neng e dutse hodima lebota e ne e shebelletse mme e letile. E ne e tseba hantle se tla etsahala. Diaparo tse terateng di ne di tla fefoha, dipaletsa di be sephara, mosebetsi wa sekolo o ne o tla pheuleha, mme ho ne ho tla etsahala dintho tse tharo tsa bohlokwa. Boya ba yona le ditedu tsa yona di ne di tla ya kwana le kwana moyeng o mongata. Lehlabathe le ne le tla fefohela mapatsong a lebota … mme ebe … ho feta tsohle … ditweba di ne di tla tswa di matha. Mme yona he, e ne e lapile

“Aaaaah … heeethiii …” Bohle ba inama ba leka ho ipata. “… Yaaaa!” Sibu a tswela pele. Diaparo ke tsela di fefoha terateng. Dipalesa ke tsela di wela fatshe. Mosebetsi wa sekolo wa Jabu le Nozi le ona wa fofela kwana. Mme se thabisang katse e nyane e ntsho he, ya eba hore ditweba di tswa di matha.

Share This:

Sponsored Links

Survey


We value your opinion! Take a moment to complete our survey

This will close in 20 seconds