SOTHO: Molao oa tsamaiso oa mo khatlo oa machaba oa bosebetsi (ilo) holim’a HIV leAids mosebetsing

28 May, 2015 - 09:05 0 Views
SOTHO: Molao oa tsamaiso oa mo khatlo oa machaba oa bosebetsi (ilo) holim’a HIV leAids mosebetsing

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
Seoa sa HIV le AIDS ke koluoa e aparetseng lefatse ka bophara, ‘me li baka qholotso e kholo malebana le ntlafatso le nts’etso-pele ea sechaba. Linaheng tse anngoeng ke seoa sena ka ho fetisisa, moruo oa tsona oa ntlafatso o ripitlehile, moruo o holofetse ‘me le ts’ireletso le botsitso ba lichaba li mathateng a maholo. Ka thoko ho masisa-pelo a bakoang ke seoa sena, ho batho ka bo-mong le ba malapa a bona, se amme le ho sisinya habohloko boleng ba moruo le lichaba. HIV le AIDS li baka ts’oso e kholo mosebetsing le bosebeletsing: li ama karolo e kholo ea batho ba hlahisang ‘me seo se etsa hore litsiane li theohe. Ho fetisa mona, likhoebo tse kholo li lahleheloa ke tlhahiso, le lits’enyehelo tse eketsoang ke tahlehelo ea batho ba nang le tsebo le boiphihlelo.

Kaholimo ho tsena tsohle, HIV le AIDS li boetse li ama litokelo tsa mantlha tsa mosebetsing, haholo malebana le lintlha tsa khethollo le sekhobo se lebisoang ho basebetsi le batho ba phelang le HIV le AIDS kapa ba anngoeng ke tsona Seoa sena se otla habohloko-hloko lihlopha tsa batho ba tsietsing, ba se nang matla a ho its’ireletsa, e leng basali le bana: ‘me hona ke taba e eketsang bosieo ba teka-tekano ea banna le basali le ho nonts’a bothata bo tsoaloang ke khiro ea bana.

Ke ka hona ho latela tsena tse seng li boletsoe kaholimo, ILO e itlammeng le ho ikitlaelletsa ho etsa polelo e matla ka molao oa ts`ebetso malebana le HIV le AIDS libakeng tsa ts’ebetso (mesebetsing). Molao ona o tla sebelisoa ho thusa ho thibela ho ata kapa ho nama ha seoa sena; ho fokotsa mathata a basebetsi le ba malapa a bona, le ho fana ka ts’ireletso e thusang sechaba ho sebetsana le seoa sena. Molao ona o akaretsa lintlha tsa mantlha, tse kang ho lemoha hore HIV le AIDS ke taba e teng mosebetsing, le hore ho se khetholloe batho mosebetsing; teka-tekano ea banna le basali, tlhatlhobo ea mali ka lekunutu, lipuisano le sechaba, thibelo, ho oka le ts’ehetso e le metheo ea ho sebetsana le seoa sena libakeng tsa ts’ebetso. Molao ona o tsoetsoe ke ts’ebelisano-‘moho ea ILO le likaroloana tsa eona tse tharo(bahiri, ‘muso le basebetsi) hammoho le ts’ebelisano-‘moho le balekane ba eona ba machaba. Molao ona o fa batho ba etsang maano, mekhatlo ea bahiri le ea basebetsi le balekane ba bang tataiso e sebetsang ea ho thoma le ho kenya ts’ebetsong leano le loketseng sebaka sa mosebetsi, manane a thibelo le a ho oka, ekasitana le ho theha maqheka a ho buisana le batho ba its’ebetsang. Ntlha ena ke tlatsetso e kholo, ea bohlokoa, ea ILO ntoeng e khahlanong le HIV le AIDS, lefats’eng ka bophara.

Molao ona o tla thusa ho hlahisa maemo a hlomphehang mosebetsing, khahlanong le koluoa ena e tobileng le ho tsitsipanya botho, nts’etsopele le ntlafatso. Boithuto bo ntse bo tsolela pele, e le teko ea ho sebetsana lekoluoa ena. Ke linaha tse fokolang tse seng li atlehile ho fokotsa ho ata kapa ho nama ha tso’oaetso, le ho fokotsa matha a bakoang ke HIV le AIDS ho batho ka bo-mong le ho lichaba tsa habo bona Litsela tsa ts’ebetso tse atlehileng ka ho fetisisa li kenyeletsa boetapele ba boitelo, maoala a hokahanyang mafapha a mangata, ts’ebelisano-‘moho le sechaba, hammoho le batho ba phelang le HIV le AIDS, ekasitana le thuto ka tsona.Lintlha tsena li hlahella ka har’a meloana ea mantlha ea molao ona le ho its’etleha ka oona ho khothaletsa litho tsohle tsa sechaba ho sebetsa hammoho ka sepheo sa ho kenya molao ts’ebetsong ka tsela e matla e nang le litholoana tse bonahalang. Tokomane ena e na le chebelo-pele, ‘me ke ea mantlha e shebaneng le mathata a teng kajeno, ebile e lebeletse le-tla-morao tsa seoa sena le mathata ao se a bakang mosebetsing. Ka molao ona, ILO e tl’o phahamisa ts’ehetso ea eona malebana le boitelo ba machaba le lichaba e le ho ts’ireletsa litokelo le seriti sa basebetsi le batho ba phelang le HIV le AIDS.

Geneva, Phuptjane 2001 Ke puo ea: Juan Somaria
Mookameli-Kakaretso

Share This:

Sponsored Links

Survey


We value your opinion! Take a moment to complete our survey

This will close in 20 seconds