Me Montsoali

23 Mar, 2015 - 12:03 0 Views

uMthunywa

Ke Motlalepola Oa Makwaiba
Ka thari a mpepa, Ka sejana a mphepa,Ka matsoho a nkuka, Ka lesoai a nkotlolla, Le ‘na ke be motho.Ka manala a mphatela, Ka likhapha a nthapella, Ka ho hlobaela a nkoietsa,Ka litsieane a ntefella, Sekolong ho rua tsebo. Ka ho itima a mphomosetsa, Ka motlopotlo a mphelisa, Ka tlhatsuo a ntlhohonolofatsa,Ka ho ntheha lebitso ka itseba, Lefaats’e le metsoalle ea ntseba.

Ka lits’omo a nthuta, Ka lipale a nkelellisoa, Ka maele a nkeletsa, Ka metlae a nthabisa, Ke tle ke phelisane le ba bang.

Ke monna ke holile joale, Ke litelu ke liphaka-phaka, Ke hopola tsa bonyaneng, Ke li bona joalo ka ts’omo, Chee! ke li fetile ka thuso ea ‘me.‘ Me o nthapelle ho Molimo, Nthapelise ke phele, Ke ka tlholeho ke o sotlileng, Hoba marabe o jeoa ke bana, Oona o sale ele mokukutoane.

Senyamo
Senyamo se mang pina tsa banana,Se binoa ke banana le bashanyana,Mapatlelong a metse maputulo,Ho likhare, maqai pelo lia uba,Ba tsetselela ho tseba balekane.Maqheku a bohile a tila faats’e,Eka ba bona mehla ba e lebetse,Ha ba ne ba thonya ea bona methepa,Ba etsa tlama-thata moshoela ruri,Kajeno ts’iu li ile maqhekoana.Koma ba e bina ka hlooho bochaba,Litlolo ba  li nehela malebela,Chaba se hlokang moetlo sea fela,Bomali-mabe ke ho lahla maseko,Bokang tsa lona balimo ba thabe.

Banana ba heso matlola-lets’oana,Le etseng menyakoe le thenthetse,Le bapatse bocha ba lona le khabe,Baholo le balimo ba tle ba thabe,Tle le bone ha khotso e re atela.Bashanyana joale se ba tla bolla,E tla ba makoloane matlola-tsoku,Lemo se oele ebe maphura-khoahla,Sa bobeli se fele e le banna.Tlhankana e ea raha morits’oana,Batsoali ba thabe ba etse tlhophiso,Ba il’o qela mohope sekha-metsi,Molekane a phetheloe tsa moetlo.

Ke mang oa lona ea ratang tlamo, Tlamo ea monoana ka sika la thole, Lenyalo le boqaba la khothometso, Ngoetsi ke ena e lehala kamona, E nena tsa bohali khomo li tsoile. Rona Basotho re batho ba senyamo,Balekane ba thonyane ba tsebana, Re se bakele bana mokhoka-khoale,Ngoetsi e ts’aba monna o makopo.

Mosali e motle lichabeng
Tsatsi le leng ke ile ts’olong,Ka oelana le phau e telele-telele,Ka pikitla mahlo eaka kea hoehoeloa,Athe ke bona mosali e motle lichabeng.Ka oma mathe thena,Ea ka ke jele lipabi,Pelo ea otla ka e utloa,Phatla ea fufuleloa ka e hlakola.Naa kea lora banna,Likharebe ke hlola li bona,Hona ke ntho’e hlahang ha Molimo koana,Morena O ho entse ka matsoho a iketlile.Hoshe!! ‘manyeo,‘Na ke mohlankana,Etsoe ha ke e-so nyale,Tsa heso ha li fula le tlala phula.‘Mabotle nthate ke u ratile,Ke rata mahlo a hau a bolea,Lebala la hau tlhaku-ea-tekoane,Thope ea seema ka tlhako methemeleleng.Seema ka litlhako ke kopa metsi,Ke tsamaile eto le le telele ke khathetse,Nkhelle ka mohope selibeng sa lerato,Ke romelle ntate hore ke monna joale.
Tjo ! ho ne ho le monate u bala Sesotho sa heno ka botsoiriri bjo bo kalo. Lumela ke a tsamaea ngoaneso. Ke nako !

Share This:

Sponsored Links